|
‘Malichaba o keteka le Likhutsana |
|
|
|
|
Written by MOSHABESHA
|
|
Tuesday, 31 August 2010 07:30 |
|
Leribe-Khoeling ena ea Moqebelo oa la mashome a mabeli a metso e ‘meli, Mofumahali ‘Malichaba Lekhoaba o ile a keteka letsatsi la hae la tsoalo le bana ba phelang, mahaeeng a likhutsana a Rachel, Insured Salvation le Lesotho Children Counsel Unit Puisanong le Moitšokoli Mofumahali Lekhoaba o bontšitse, a ne a tsoaloe ka la leshome le metso e robeli, khoeling ea Phato, 1973. O re o ile a utloela ka batho hore ho na le Nkhono ea lulang a lemong, ea bileng ho se nang seo a se jang. Empa ka la leshome le metso e supileng o ile a leba sebakeng seo, ‘me a fumana ho le joaloka ha batho ba ile ba moloma tsebe. |
|
Last Updated ( Tuesday, 31 August 2010 07:32 )
|
|
Read more...
|
|
|
Ke li bone joang/U li bone joang? |
|
|
|
|
Written by Ts'eliso Tale
|
|
Tuesday, 31 August 2010 07:27 |
|
Meleko e etsahalang likoloing tsa baeti ea fapana ka maemo, liketso le Lipuo: Ka Moqebelo oa la 21 Phato 2010, ke ne ke le tseleng e tsoang Butha Buthe Lipapaling tsa Basketball, tseleng ha ke khutla, ka fumana koloi ea baeti ea SIYAYA e eme ka tseleng Peka e theola moeti. Kapele ho eona hake e feta, ka fumana katheko ho eme koloi ea baeti ea Quantum e topela basali ba babeli ka buting, joale buti le eona e hana ho koaleha oso oka inahanela hore ene ele pono e joang. |
|
Last Updated ( Tuesday, 31 August 2010 07:30 )
|
|
Read more...
|
|
bana fumantšoa ente ea H1N1 |
|
|
|
|
Written by Lerato Buthelezi
|
|
Tuesday, 31 August 2010 07:25 |
|
Ke bana ba fetang Makholo a mabeli ba ‘nileng ba fumantšoa ente ea H1N1 ka Labobeli la la Mashome a mabeli a metso e mene, sekolong se Phahameng sa Mahlabatheng High School Roma. Ente ena e reretsoe ho thusa bana ba likolo khahlanong le lefu lena le lecha le bitsoang Swine flu! Leha ho le joalo hona le bana ba sa rateng ho fumantšoa ente eo. |
|
Last Updated ( Tuesday, 31 August 2010 07:27 )
|
|
Read more...
|
|
Pioneer Standard Bank e butsoe ka molao |
|
|
|
|
Written by Lerato Buthelezi
|
|
Tuesday, 31 August 2010 07:23 |
|
Standard Lesotho Bank e ka Pioneer e butsoe ka molao, ka Labone la la mashome a mabeli a metso e tšeletseng, hona setsing seo sa mabenkele. Puisanong le Moitšokoli, Monghali Dave Rose oa Standard Lesotho Bank o itse banka ena e buloang letsatsing lena e kholo lefatše ka bophara. Tsela eo e bopiloeng ka eona, ke tsela e etsang hore basebelisi ba Banka ba ikutloe ba le morolo haholo. |
|
Last Updated ( Tuesday, 31 August 2010 07:25 )
|
|
Read more...
|
|
Liphasepoto li tla fumaneha Likh’anseleng |
|
|
|
|
Written by Lerato Buthelezi
|
|
Tuesday, 31 August 2010 07:20 |
|
Tlaleho ea Motlatsi oa Letona la Litaba tsa Lehae, Polokeho ea Sechaba le Litaba tsa Paramente, Mofumahali Lineo Molise Mabusela, mabapi le letšolo la ho akofisa tšebetso ka ho isa libukana tsa ho eta metseng le literekeng tse latelang: Mafeteng, Maseru, Leribe le Berea ele ho ntlafatsa bosebeletsi bo botle sechabeng. “Letšolo lena le atlehile haholo, ‘me Lefapha le khotse litholoana tse molemo joaloka, phumaneho ea malahleha a libukana tsa ho eta tse ngata tse neng li lahlehetse literekeng tseo e seng tsa habo tsona”. |
|
Last Updated ( Tuesday, 31 August 2010 07:22 )
|
|
Read more...
|
|
|
|
|
|
Page 1 of 2 |