www.informativenews.co.ls

Back Home

www.informativenews.co.ls

Thekiso ea phofo ea mabele ena le chelete
User Rating: / 0
PoorBest 
Written by Lerato Buthelezi  
Monday, 21 February 2011 21:13

Mofumahali Mamohlalefi Makotoko Theko ea nang le lilemo tse mashome a mahlano o re eena o iphelisa ka thekiso ea phoofo ea mabele.

Ha a hlalosetsa Moitšokoli, o ile a re o qalile khoebo ena ea hae ka selemo sa 1990, ha molekane oa hae a qeta ho hlokahala, kaha ene e le eena motho ea neng phelisa lelapa

O na le bana ba bahlano ka palo, empa hona joale o se a setse ka ba bane, are khoebo ena ea hae e tsamaea hantle likhoeling tsa bo Tšitoe ho isa Phupu. ‘Me theko eo a e rekisang ka eona ke Maloti a leshome le metso e ‘meli, empa hangata o fana ka sekoloto ebe, ha khoeli e feela ke hona a latang chelete e se e le ngata.

Empa hona ha khoeli e felile o ntse a khona ho etsa chelete e kaalo ka makholo a supileng a maloti. Phoofo ena e siloa ke eena, o e rekisa Metolong le teropong e kholo ea Maseru.

Are o thabile haholo ha ele mona khaho ea letamo e tlil’o tsoela-pele kaha joale ona le monyetla oa hore a tle a tsebe ho rikisa eona phofo eo ea mabele e kopane le motoho hobane ke khoebo eo a e tsebang hantle.

A thatiseletsa ka hore chelete eo a e fumanang nakong eo a rekisitseng hantle o phelisa lelapa ka eona, kaha bana ba hae ba bang ba ntse ba kena likolo tse phahameng. Mabele ao a a rekisang o itimela ona masimong a hae, empa ha se mabele feela, le linaoa le tsona o ntse a li rekisa.

A khothaletsa basali ba Basotho hore ba tlohelle ho nama menoto hae ba ntse ba re ba lebeletse banna ba bona hore ba ba sebeletse, le bona ba ntse ba lokela hore ba sebetse ka thata bakeng sa bona le bana ba bona ka kakaretso, bohle re ea tseba hore naheng ea Lesotho leqeme le leholo la mesebetsi, ‘me e hlahang e hlaha ka mor’a nako e telele.

 

Comments are now closed for this entry

© 2013 www.informativenews.co.ls