www.informativenews.co.ls

Back Home

www.informativenews.co.ls

Pula ke Mahlopha a senya
User Rating: / 0
PoorBest 
Written by Ts'eliso Tale  
Tuesday, 15 February 2011 07:22

Naha ena ea Lesotho e hlasetsoe ke lipula tsa melupi me li na le litla morao tse bohloko ho Sechaba se phelang teng. Mafelong ana a sa tsoa feta a beke, motseng o mong Maseru oa Qoaling Ha Rats’oane lefatše le ile la taboha me Moitsokoli ea fihla sebakeng seo.

Moitšokoli o ile a fumana sebaka se bolelele ba maoto a mashome a mabeli se tabohile ka lehare haufi le mabitla a Ha Rats’oane thabeng ea Qoaling. Se ileng sa makatsa Moitsokoli ke hore sechaba se phelang moo ekasitana le Morena oa teng ha se bone phoso boemong bona.

Haufinyane mane seterekeng sa Leribe mane Sebothoane Leribe ketsahalo e batlang e tšoana le ena e ile ea etsahala, ha setša sa mabitla se ne se ritsa litopo lisala kantle hoo batho bao ba ile ba tlameha ho fallisoa hoea sebakeng seseng.

 Haufinyane mona metsi a hlahang ka mohokare a ile a thibela a hlahang ka Maqalika, hoo a ile a tlameha ho khutlela tseleng e fetang ka temong e leba Khubetsoana. Ha marokho a libaka tse latelang,ba Mapoteng, Seforong Quthing haufi le Qacha’s Nek le Seaka a ile siea sechaba ho se moo se tšelang.

Athe selemong se fitileng mane Quthing Ha lebelonyane thaba e ile ea ritsa ea koala tsela hoo makoloi aneng a sitoe ho feta. Ha sebakeng sa Kolonyama le Teyateyaneng Ha Ntjabane Masimo a ne a tletse metsi a koahetseng lijalo nako ea libeke tse peli.

Mohlala oa mathata ana a mangata ao re buoang ka ona mona ke tsela ea Mpilo e nkang nako e telele ese e koetsoe lehlakoreng le ka holimo la tsela, ka baka la mafika a ritsang aoelang ka tseleng. Futhong setekeng sa Berea lefika le ile la ritsa la oela holima ntlo bosiu la bolae bana ba bane.

Ha motho a shebella seea-le-moea pono ho bonahala pula ena ka mokhoa o mongata lefatše lohle hoo libakeng tse ling matlo a koahetsoeng ke metsi. Litsela le marokho li sa bonahaleng sebaka sa hofeta mehato e Lekholo, lifate le lipalo tsa motlakase li fatše, ebe motho o ne o ka nahana ka boemo bo joalo Lesotho.   

 

Comments are now closed for this entry

© 2013 www.informativenews.co.ls